Mattheu 19:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.

10. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala.

11. A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng.

12. Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise.

13. Jwale, ha tliswa ho Jesu bana, hore a ba bee matsoho, a ba rapelle; empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.

14. Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

15. Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng.

16. E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng?

17. Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.

18. A re ho yena: Efe? Jesu a re: E reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata,

19. o hlonephe ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.

20. Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang?

21. Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

22. Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

23. Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

Mattheu 19