6. Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
7. Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala?
8. A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.
9. Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
10. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala.
11. A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng.
12. Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise.
13. Jwale, ha tliswa ho Jesu bana, hore a ba bee matsoho, a ba rapelle; empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.
14. Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.
15. Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng.
16. E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng?
17. Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.