Mattheu 19:26-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.

27. Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona?

28. Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi.

29. E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.

30. Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.

Mattheu 19