1. Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha Galelea, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane.
2. Matshwele a maholo a mo latela, mme a ba fodisa teng.
3. Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka; yaba ba re ho yena: Hleka motho o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?
4. A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,
5. a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela?
6. Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
7. Ba re ho yena: Moshe eena o laetse keng ho nea mosadi lengolo la hlalo, le ho mo hlala?
8. A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.
9. Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
10. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala.
11. A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng.