Mattheu 18:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.

9. Ha leihlo la hao le o dihela, o le honye, o le lahlele hole le wena. Ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele, o ena le mahlo a mabedi.

10. Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.

11. Hobane Mora motho o tlile ho pholosa ho timetseng.

12. Ana taba ena e jwang ho lona? Ha motho a ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ho tsona ha e lahlehile, ha ke re, o tla tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong dithabeng, a ye ho batla e lahlehileng na?

13. Mme ha a e fumana, kannete ke re ho lona, o ya e thabela ho fetisa tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong tse sa lahlehang.

14. Ka mokgwa o jwalo; thato ya Ntata lona ya mahodimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong wa ba banyenyane bana.

15. Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.

16. Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.

17. Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.

Mattheu 18