Mattheu 18:32-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse.

33. Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?

34. Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.

35. Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.

Mattheu 18