20. Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
21. Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?
22. Jesu a re ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba hasupa, e mpe e be ha mashome a supileng a balwang hasupa.
23. Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.
24. Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;
25. mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.
26. Empa mohlanka eo a kgumama pela hae, a mo rapela, a re: Morena, o ke o nthekolohele, mme ke tla o lefela hohle.
27. Morena wa mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lesa, a mo leballa molato.
28. Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.
29. Molekane wa hae wa bohlanka a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Nthekolohele, mme ke tla o lefela.
30. Eo a hana, a mpa a ya, a mo kgarameletsa teronkong, hore a be a lefe molato.
31. Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tsohle tse etsahetseng.
32. Yaba morena wa hae o mo laetsa, a re ho yena: Mohlanka ya lonya, ke ne ke o leseletse molato wohle wa hao, kahobane o ne o nthapetse.
33. Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?
34. Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.