Mattheu 18:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.

16. Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.

17. Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.

Mattheu 18