Mattheu 18:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Mme ha a e fumana, kannete ke re ho lona, o ya e thabela ho fetisa tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong tse sa lahlehang.

14. Ka mokgwa o jwalo; thato ya Ntata lona ya mahodimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong wa ba banyenyane bana.

15. Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.

16. Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.

17. Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.

18. Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.

19. Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.

20. Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

21. Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?

22. Jesu a re ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba hasupa, e mpe e be ha mashome a supileng a balwang hasupa.

23. Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.

Mattheu 18