1. Nakong eo, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: E moholo mmusong wa mahodimo ke mang na?
2. Jesu a bitsa ngwana, a mmea hara bona,
3. a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.
4. Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;
5. mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.
6. Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
7. Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.
8. Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.
9. Ha leihlo la hao le o dihela, o le honye, o le lahlele hole le wena. Ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele, o ena le mahlo a mabedi.