6. Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.
7. Empa Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshaba.
8. Ha ba emisa mahlo, ha ba ka ba hlola ba bona motho, haese Jesu a nnotshi.
9. Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
10. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Na ke ho reng, ha bangodi ba re: E ka kgona Elia a tle pele?
11. Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.
12. Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.
13. Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.
14. Eitse ha ba etla ho bongata, motho a mo atamela, a mo kgumamela ka mangwele,
15. a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.
16. Ke se ke mo hlahisitse ho barutuwa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo fodisa.
17. Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.
18. Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.