2. Empa yena a araba, a re ho bona: Ha ho se ho phirimile, le ye le re: Le tla sa, hobane lehodimo le lefubedu.
3. Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?
4. Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.
5. Barutuwa ba hae ha ba fihla mose wane, ba fumana hobane ba lebetse ho nka mahobe.
6. Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.
7. Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.
8. Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na?
9. Ana ha le eso ho utlwisise na? Na le hakilwe ke mahobe a mahlano a mohla banna ba kete tse hlano, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
10. Le mahobe a supileng a mohla banna ba kete tse nne, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
11. Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
12. Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
13. Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?
14. Ba re: Ba bang ba re, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
15. A re ho bona: Lona, le re, ke mang na?
16. Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.
17. Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.
18. Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.
19. Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.