Mattheu 16:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. A re ho bona: Lona, le re, ke mang na?

16. Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.

17. Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.

18. Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.

19. Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.

20. Jwale, a laya barutuwa ba hae, a re, ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.

21. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.

22. Empa Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela, a re ho yena: Morena, o ikutlwele bohloko; tse jwalo di ke ke tsa o hlahela.

23. Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.

24. Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.

25. Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.

26. Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?

27. Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.

28. Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.

Mattheu 16