10. Le mahobe a supileng a mohla banna ba kete tse nne, le bokae ba diroto tseo le di nkileng?
11. Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
12. Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
13. Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?
14. Ba re: Ba bang ba re, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
15. A re ho bona: Lona, le re, ke mang na?
16. Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.
17. Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.
18. Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.
19. Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.
20. Jwale, a laya barutuwa ba hae, a re, ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.
21. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
22. Empa Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela, a re ho yena: Morena, o ikutlwele bohloko; tse jwalo di ke ke tsa o hlahela.
23. Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.