32. Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.
33. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?
34. Jesu a re ho bona: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng, le dihlapinyana di se kae.
35. Yaba o laela bongata ho dula fatshe.
36. Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata.
37. Bohle ba eja, ba kgora; ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse supileng.
38. Ba jeleng e ne e le banna ba kete tse nne, ha ho sa balwe basadi le bana.
39. Mme Jesu hobane a kgutlise matshwele, a kena sekepaneng, a ya naheng ya Magdala.