19. Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;
20. ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.
21. Yaba Jesu o tloha moo, a ikela naheng ya Tire le Sidone.
22. Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.
23. Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.
24. A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
25. Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse!
26. Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana.
27. Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
28. Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
29. Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.
30. Matshwele a mangata a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, le difofu, le dimumu, le dihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, mme a ba fodisa.
31. Yaba bongata boo bo a makala, ha bo bona dimumu di bua, le dihole di ena le mmele o motle, le dihlotsa di tsamaya, le difofu di bona, mme ba rorisa Modimo wa Iseraele.
32. Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.
33. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?
34. Jesu a re ho bona: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng, le dihlapinyana di se kae.
35. Yaba o laela bongata ho dula fatshe.