Mattheu 15:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;

20. ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.

21. Yaba Jesu o tloha moo, a ikela naheng ya Tire le Sidone.

22. Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.

23. Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.

24. A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.

25. Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse!

26. Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana.

27. Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.

28. Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.

29. Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.

30. Matshwele a mangata a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, le difofu, le dimumu, le dihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, mme a ba fodisa.

Mattheu 15