Mattheu 15:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?

13. A araba, a re: Setlama se seng le se seng se sa hlongwang ke Ntate ya mahodimong, se tla fotholwa.

14. Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.

15. Petrose a bua, a re ho yena: O re qaqisetse setshwantsho seno.

16. Empa Jesu a re: Na le sa hloka kelello le lona na?

17. Na ha le utlwisise hobane tsohle tse kenang ka hanong di ya mpeng, di ntoo lahlelwa mohlabeng?

18. Empa tse tswang hanong di tswa pelong; ke tsona tse silafatsang motho.

19. Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;

20. ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.

Mattheu 15