1. Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena:
2. Barutuwa ba hao ba tlolelang mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe, ba sa hatlela?
3. A araba, a re ho bona: Le lona, le tlolelang molao wa Modimo ka mokgwa oo le o neanang na?
4. Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.
5. Kanthe lona le re: Ya reng ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, ke se ke se abetse Modimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntatae le mmae.
6. Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.
7. Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:
8. Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.
9. Ba nkgumamella lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.
10. Yaba Jesu o bitsa bongata, a re ho bona: Mamelang, le utlwisise.
11. Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
12. Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?
13. A araba, a re: Setlama se seng le se seng se sa hlongwang ke Ntate ya mahodimong, se tla fotholwa.
14. Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.
15. Petrose a bua, a re ho yena: O re qaqisetse setshwantsho seno.
16. Empa Jesu a re: Na le sa hloka kelello le lona na?