21. Mme ba jeleng e be e le banna ba batlileng ho ba dikete tse hlano, basadi le bana ba sa balwe.
22. Yaba Jesu o phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele mose wane, ha a sa kgutlisa matshwele.
23. Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi.
24. Sekepana sona se ne se se se le hara lewatle, se tsokotswa ke maqhubu a metsi; hobane moya o ne o se hanela.
25. Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu, Jesu a tla ho bona, a tsamaya hodima lewatle.
26. Barutuwa ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba tshoha, ba re: Ke sethotsela; mme ba meketsa ke ho tshaba.
27. Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.
28. Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi.
29. A re: Tloo! Yaba Petrose o tswa sekepaneng, a tsamaya hodima metsi, a ya ho Jesu.
30. Empa ha a bona moya o le bohale, a tshoha, mme ha a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!
31. Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?
32. Yare ha ba kene sekepaneng, moya wa kgutsa.
33. Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.
34. Yare ha ba tsheletse mose, ba kena lefatsheng la Genesarethe.
35. Banna ba moo ha ba tseba hoba o teng, ba romela mathokong wohle a teng; yaba ba tlisa ho yena bohle ba seng monate.
36. Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.