10. A romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.
11. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.
12. Jwale barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela, ba ntoo ya bolella Jesu.
13. Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.
14. Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.
15. Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.
16. Empa Jesu a re ho bona: Ha ba tshwanela ho tloha; ba fepeng e le lona.
17. Ba re ho yena: Ha re na letho mona, haese mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi.
18. Yaba o re: Di tliseng mona ho nna.
19. Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
20. Mme ba eja bohle, ba kgora, ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.
21. Mme ba jeleng e be e le banna ba batlileng ho ba dikete tse hlano, basadi le bana ba sa balwe.
22. Yaba Jesu o phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele mose wane, ha a sa kgutlisa matshwele.
23. Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi.
24. Sekepana sona se ne se se se le hara lewatle, se tsokotswa ke maqhubu a metsi; hobane moya o ne o se hanela.