1. Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu.
2. Yaba o re ho bahlanka ba hae: Eo ke Johanne Mokolobetsi: o tsohile bafung, mme ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
3. Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.
4. Hobane Johanne o ne a itse ho yena: Ha ho a lokela hoba o be le yena.
5. Heroda o ne a rata a ka mmolaya; empa a tshaba batho; hobane ba ne ba re: Ke moporofeta.
6. Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.
7. Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng.
8. Morwetsana ha a laetswe ke mmae a re: Nnee hona jwale hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.
9. Morena a swaba; empa ka baka la kano ea hae, le ka baka la ba dutseng dijong le yena, a laela hore a e newe.
10. A romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.
11. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.
12. Jwale barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela, ba ntoo ya bolella Jesu.
13. Jesu yare hoba a utlwe taba eo, a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, feelleng. Eitse hobane matshwele a utlwe, a mo latela teng ka maoto, a etswa metseng.