7. Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya di pupetsa.
8. Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.
9. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
10. Barutuwa ba tla, ba re ho yena: Na o buelang le bona ka ditshwantsho na?
11. A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
12. Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.
13. Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise.
14. Ho phethahala ho bona ho porofetilweng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontshisa.
15. Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
16. Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.
17. Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.
18. Jwale lona, mamelang taba ya setshwantsho sa mojadi.
19. E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
20. Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo;
21. a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.
22. Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang, lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
23. Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.
24. Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.
25. Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.