Mattheu 13:50-58 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

50. mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

51. Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena.

52. A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.

53. Yare ha Jesu a qetile ditshwantsho tseo, a tloha teng.

54. Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?

55. Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?

56. Bokgaitsedie le bona na ha ba moo ho rona kaofela ha bona? Na tseo tsohle enwa o di nkile kae na?

57. Mme ba kgoptjwa ho yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho haese naheng ya habo le tlung ya hae.

58. Teng, ha a ka a etsa mehlolo e mengata, ka baka la ho se dumele ha bona.

Mattheu 13