Mattheu 13:31-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.

32. Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.

33. A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.

34. Ditaba tseo tsohle Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho, mme o ne a sa bue letho le bona a sa tshwantshe;

35. hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.

36. Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo.

37. A ba araba, a re: Ya jalang peo e ntle ke Mora motho;

38. tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bana ba mmuso; mofoka ke bana ba e mobe;

39. sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.

40. Jwaloka mofoka ha o kguwa, o tjheswa mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe lena.

41. Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,

42. mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

43. Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.

Mattheu 13