27. Bahlanka ba mong a ntlo ba tla, ba re ho yena: Morena, ha re re, o ne o jadile peo e ntle tshimong ya hao? Na mofoka oo e o nkile kae?
28. A re ho bona: Ke ketso ya sera. Bahlanka ba re ho yena: Na ha o rate ha re ya kga mofoka oo na?
29. A re: Tjhe, mohlomong ha le ekga mofoka, le ka tshoha le fothola le yona koro.
30. Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.
31. A ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae.
32. Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.
33. A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.
34. Ditaba tseo tsohle Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho, mme o ne a sa bue letho le bona a sa tshwantshe;
35. hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.
36. Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo.
37. A ba araba, a re: Ya jalang peo e ntle ke Mora motho;
38. tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bana ba mmuso; mofoka ke bana ba e mobe;
39. sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.