1. Ka lona tsatsi leo, Jesu a tswa tlung, a dula pela lewatle.
2. Yaba matshwele a maholo a phuthehela ho yena, mme Jesu a kena sekepaneng, a dula teng; bongata bohle ba ema lebopong.
3. Yaba o ba bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.
4. Eitse ha a jala, hlaku tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja kaofela.
5. Hlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata, mme tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.
6. Letsatsi ha le tjhaba, tsa pona; mme tsa etjha ke ho hloka metso.
7. Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya di pupetsa.
8. Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.
9. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
10. Barutuwa ba tla, ba re ho yena: Na o buelang le bona ka ditshwantsho na?
11. A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
12. Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.