9. Ha a tloha teng, a kena sinagogeng ya bona.
10. Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa.
11. Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,
12. Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha.
13. Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.
14. Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng.
15. Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
16. A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela;
17. ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse:
18. Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
19. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng;
20. ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.
21. Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae.
22. Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona.
23. Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?
24. Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.
25. Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.