Mattheu 12:47-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena.

48. Empa yena a araba ya mmolellang, a re: Mmè ke mang, mme banabeso ke bafe?

49. Yaba o alatsa barutuwa ba hae ka letsoho, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana.

50. Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.

Mattheu 12