Mattheu 12:42-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

43. Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.

44. Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe.

45. Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.

46. Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.

47. Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena.

48. Empa yena a araba ya mmolellang, a re: Mmè ke mang, mme banabeso ke bafe?

49. Yaba o alatsa barutuwa ba hae ka letsoho, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana.

50. Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.

Mattheu 12