Mattheu 12:41-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.

42. Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

43. Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.

44. Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe.

45. Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.

46. Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.

47. Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena.

Mattheu 12