29. Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona?
30. Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya.
31. Ke moo ke reng ho lona: Batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le e nngwe; empa nyefolo e nyefotseng Moya, batho ba ke ke ba e tshwarelwa.
32. Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.
33. Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona.
34. Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
35. Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae.
36. Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng.
37. Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla tsuwa.
38. Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.
39. Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.
40. Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
41. Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.