22. Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona.
23. Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?
24. Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.
25. Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.
26. Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?
27. Ha ke fela ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona, bona, ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.
28. Empa ekare ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.
29. Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona?
30. Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya.