11. Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,
12. Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha.
13. Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.
14. Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng.
15. Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.
16. A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela;
17. ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse:
18. Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
19. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng;
20. ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.
21. Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae.
22. Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona.
23. Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?
24. Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.