Mattheu 11:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.

18. Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le motemona.

19. Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.

20. Mohlang oo, Jesu a qala ho omanya metse eo a entseng mehlolo e mengata ho yona, kahobane e sa ka ya baka, a re:

21. Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.

22. Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.

23. Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.

24. Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.

25. Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.

26. E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.

27. Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.

28. Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!

29. Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.

30. Hobane joko ya ka e tjhatsi, le phahlo ya ka ha e na boima.

Mattheu 11