12. Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.
13. Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne.
14. Mme ha le rata ho amohela polelo ya ka, ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.
15. Ya nang le ditsebe ho utlwa u utlwe.
16. Empa moloko wona na ke tla o tshwantsha kang? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba howanang le thaka tsa bona,
17. ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
18. Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le motemona.
19. Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.
20. Mohlang oo, Jesu a qala ho omanya metse eo a entseng mehlolo e mengata ho yona, kahobane e sa ka ya baka, a re:
21. Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.
22. Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.
23. Le wena Kapernauma, ya phahamiseditsweng lehodimong, o tla kokobeletswa nqalong ya bafu; hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno.
24. Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.
25. Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
26. E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.