1. Eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya naha eo.
2. Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,
3. a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?
4. Jesu a araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di utlwang, le tseo le di bonang:
5. Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
6. Ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.
7. Bao ha ba tlohile, Jesu a qala ho bolella bongata tsa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang felleng? Na e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
8. Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.
9. Ana le ne le ile ho bonang? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, ya fetisang le moporofeta.
10. Hobane ke yena ya bolelwang moo ho ngodilweng, ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka le tlang ho o lokisetsa tsela.
11. Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
12. Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.
13. Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne.