Mattheu 10:37-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;

38. mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele.

39. Ya bolokang bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.

40. Ya le amohelang o a nkamohela; mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.

41. Ya amohelang moporofeta, kahoba a ena le lebitso la moporofeta, o tla newa moputso wa moporofeta; le ya amohelang ya lokileng, kahoba a ena le lebitso la ya lokileng, o tla newa moputso wa ya lokileng.

42. E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.

Mattheu 10