Mattheu 10:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea;

4. Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.

5. Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;

6. le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.

7. Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse.

8. Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.

9. Le se ke la inkela kgauta, leha e le silefera, leha e le tshepe e kgubedu ka maqhaameng a lona;

10. le ha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.

11. Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe.

12. Enore ha le kena tlung, le e dumedise.

13. Ekare ha ntlo eo e ena le tshwanelo, kgotso ya lona a e tle ho yona; empa ha e se na tshwanelo, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.

14. E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.

15. Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.

16. Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.

17. Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.

18. Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.

Mattheu 10