Mattheu 10:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.

18. Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.

19. Empa mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokgwa oo le tla bua ka wona, le seo le tla se bolela; hobane seo le tla se bolela, le tla se newa nakong yona eo.

20. Hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

21. Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

22. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

23. Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.

24. Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae, le mohlanka ha a moholo ho morena wa hae.

25. Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!

26. Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.

27. Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.

28. Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.

29. Na dirobele tse pedi ha di rekwe ka peni e le nngwe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa wela fatshe, kantle ho Ntata lona.

30. Esita le qoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela.

Mattheu 10