Mattheu 10:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.

15. Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.

16. Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.

17. Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.

18. Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.

19. Empa mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokgwa oo le tla bua ka wona, le seo le tla se bolela; hobane seo le tla se bolela, le tla se newa nakong yona eo.

20. Hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya wa Ntata lona o buang ka lona.

21. Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

22. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

23. Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.

24. Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae, le mohlanka ha a moholo ho morena wa hae.

25. Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!

Mattheu 10