Mattheu 10:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yare ha a bileditse ho yena barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho hlola meya e ditshila, ho e lahlela ntle, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

2. Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi, ke ana: Wa pele, ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo;

3. Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea;

4. Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.

5. Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;

6. le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.

7. Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse.

8. Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.

9. Le se ke la inkela kgauta, leha e le silefera, leha e le tshepe e kgubedu ka maqhaameng a lona;

10. le ha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.

11. Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe wa teng ya nang le tshwanelo; le dule ha hae le be le tlohe.

Mattheu 10