Mattheu 1:19-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Josefa, monna wa hae, kahobane e le motho ya lokileng, mme a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.

20. Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.

21. O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.

22. Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:

23. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.

24. Yare Josefa ha a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng; a inkela mosadi wa hae;

25. mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.

Mattheu 1