Mattheu 1:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.

18. Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.

19. Josefa, monna wa hae, kahobane e le motho ya lokileng, mme a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.

20. Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.

21. O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.

22. Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:

Mattheu 1