Mareka 9:38-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Jwale Johanne a bua le yena, a re: Moruti, re bone e mong ya sa re lateleng a leleka batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, kahobane a sa re latele.

39. Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela; hobane ha ho motho ya ka phakisang a mpolela hampe, ha a entse mohlolo ka lebitso la ka.

40. Hobane ya sa re lwantsheng, o a re emela.

41. E mong le e mong ya le nosang mohope wa metsi ka lebitso la ka, kahobane le le ba Kreste, kannete ke re ho lona: Ha a ka ke a timellwa ke moputso wa hae.

42. Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.

43. Letsoho la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le tsohane, e seng ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi;

44. moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.

45. Leoto la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le sehlotsa, e seng ho lahlelwa diheleng, mollong o sa timeng, o ena le maoto a mabedi;

46. moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.

47. Leihlo la hao ha le o dihela, o le honye; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena mmusong wa Modimo o le moihlwe, e seng ho lahlelwa mollong wa dihele o ena le mahlo a mabedi;

48. moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.

49. Hobane e mong le e mong o tla nokwa ka mollo, mme sehlabelo se seng le se seng se tla nokwa ka letswai.

50. Letswai le molemo; empa letswai ha le tapa, le ka le noka kang? Le be le letswai ka ho lona, mme le ahisane ka kgotso.

Mareka 9