20. Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.
21. Yaba Jesu o botsa ntatae, a re: Motsotso o se o le o kae a hlahetswe ke hona hoo? A re: Ke ha a sa le monyenyane;
22. mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
23. Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.
24. Yaba ntata ngwana o phakisa a phahamisa lentswe ka meokgo, a re: Ke a dumela, Morena! nthuse ho se dumeleng ha ka.
25. Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
26. Yaba o tswa, o ntse o howa, o sisinya ngwana ka bohale; a ba jwaloka mofu, ba bangata ba ba ba re: O shwele.
27. Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema.
28. Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo?
29. A re ho bona: Mofuta oo ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.
30. Ha ba tloha moo, ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha a ka tsejwa ke motho.
31. Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
32. Empa ba se ke ba utlwisisa taba eo, mme ba tshaba ho mmotsa.
33. Ba fihla Kapernauma. Ha ba le tlung, Jesu a ba botsa, a re: Le ne le tsekisana ka dife tseleng?
34. Empa ba kgutsa, hobane tseleng, ba ne ba tsekile hore na e moholo ho bona ke mang.