Mareka 9:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.

15. Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.

16. A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?

17. E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.

Mareka 9