13. Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ba mo entse kahohle kamoo ba ratileng kateng, jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae.
14. Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.
15. Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.
16. A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?
17. E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.
18. Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.
19. Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.
20. Ba mo tlisa ho yena. Yare ha ngwana a bona Jesu, moya wa mo sisinya ka bohale, a wa fatshe, a bidikana, a ntse a ntsha makweba.
21. Yaba Jesu o botsa ntatae, a re: Motsotso o se o le o kae a hlahetswe ke hona hoo? A re: Ke ha a sa le monyenyane;
22. mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
23. Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.
24. Yaba ntata ngwana o phakisa a phahamisa lentswe ka meokgo, a re: Ke a dumela, Morena! nthuse ho se dumeleng ha ka.
25. Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
26. Yaba o tswa, o ntse o howa, o sisinya ngwana ka bohale; a ba jwaloka mofu, ba bangata ba ba ba re: O shwele.
27. Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema.