Mareka 9:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le hona a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

2. Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona ba nnotshi hodima thaba e telele. Yaba o fetoha pontsheng ho bona;

3. diaparo tsa hae tsa fetoha, tsa benya, tsa eba tshweu jwaloka lehlwa, kamoo ho seng mohlatswi lefatsheng kateng, a ka tsebang ho sweufatsa hakalo.

4. Mme Elia le Moshe ba hlaha ho bona, ba buisana le Jesu.

5. Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Rabbi, ho molemo ha re ka dula mona; ha re etseng metlotlwane e meraro: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.

6. Hobane o ne a sa tsebe seo a se bolelang, etswe ba ne ba tshohile haholo.

7. Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.

8. Ba phakisa ba qamaka, empa ba se ke ba hlola ba bona motho e mong ho bona haese Jesu a nnotshi.

9. Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung.

10. Ba boloka polelo eo ka ho bona, ba botsana hore ho tsoha bafung ke ho reng na?

11. Yaba ba mmotsa, ba re: Bangodi ba bolela keng hore e ka kgona Elia a tle pele?

12. A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?

13. Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ba mo entse kahohle kamoo ba ratileng kateng, jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae.

14. Ha a fihla ho barutuwa ba bang, a bona bongata bo boholo bo ba teetse hare, le bangodi ba pheile kgang le bona.

15. Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.

16. A botsa bangodi, a re: Le pheile kgang ya eng le bona?

17. E mong hara bongata a araba, a re: Moruti, ke tlisitse mora wa ka ho wena, o na le moya o sa bueng.

Mareka 9