5. A ba botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supile.
6. Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.
7. Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.
8. Mme ba eja, ba kgora, ha ba ha nkwa diroto tse supileng tsa dingwathwana tse setseng.
9. Athe ba jeleng e batlile e eba dikete tse nne. A ntoo ba kgutlisa.
10. Yaba o phakisa a kena sekepaneng le barutuwa ba hae, mme a ya naheng ya Dalmanutha.
11. Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.
12. Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho.
13. A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepaneng, a tshelela mose wane.
14. Barutuwa ba ne ba lebetse ho nka mahobe, ba ena le bohobe bo le bong feela sekepaneng.
15. Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
16. Yaba ba eletsana, ba re: Eka ke hobane re se na mahobe.
17. Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Na le lekanya hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? Ana ha le eso ho lemohe, le ho utlwisisa na? Dipelo tsa lona di sa le thata le jwale na?
18. Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?
19. Na mohla ke ngwathelang ba dikete tse hlano mahobe a mahlano, le nkile diroto tse kae tse tletseng dingwathwana? Ba re ho yena: Tse leshome le metso e mmedi.
20. Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.
21. A re ho bona: Ho ya kang, ha le sa utlwisise?